Bohlokoa ba kolobetso ea Mokreste ke bo feng?

Pōtso Bohlokoa ba kolobetso ea Mokreste ke bo feng? Karabo Kolobetso ea Mokreste, ho latela Bebele, ke bopaki bo kantle, bo bonahalang ba se etsahetseng kahare ho bophelo ba molumeli. Kolobetso ea Mokreste e hlalosa boikamahanyo ba molumeli le lefu la Kreste, ho patoa ha Hae, le tsoho ea Hae. Bebele e re, “Ana ha…

Pōtso

Bohlokoa ba kolobetso ea Mokreste ke bo feng?

Karabo

Kolobetso ea Mokreste, ho latela Bebele, ke bopaki bo kantle, bo bonahalang ba se etsahetseng kahare ho bophelo ba molumeli. Kolobetso ea Mokreste e hlalosa boikamahanyo ba molumeli le lefu la Kreste, ho patoa ha Hae, le tsoho ea Hae. Bebele e re, “Ana ha le tsebe hobane rōna bohle ba kolobelitsoeng ho Jesu Kreste, re kolobelitsoe lefung la hae na? Ka baka leo, re ile ra patoa le eena ka ho kolobetsoa lefung, hore, joalo kaha Kreste a tsositsoe bafung ke khanya ea Ntat’ae, ka mokhoa o joalo le rōna re tsamaee ka bophelo bo bocha” (Ba-Roma 6:3-4). Kolobetsong ea Mokreste, ketso ea ho ineloa ka metsing e tšoantša ho patoa le Kreste. Ketso ea ho tsoa ka metsing e tšoantša ho tsoha ha Kreste.

Kolobetsong ea Mokreste, ho na le litlhoko tse peli pele motho a kolobetsoa: (1) motho ea kolobetsoang o tšoanetse a be a tšepile Jesu Kreste e le Mopholosi, ‘me (2) motho eo o tšoanetse hore e be o utloisisa seo kolobetso e se bolelang. Ha motho a tseba Jesu Kreste e le Morena Jesu le Mopholosi, o utloisisa hore kolobetso ea Mokreste ke ketso ea boikokobetso ka ho phatlalatsa tumelo ea hae ho Kreste, ‘me o batla ho kolobetsoa – kahoo ha ho lebaka la ho thibela molumeli ho ka kolobetsoa. Ho latela Bebele, kolobetso ea Mokreste ke ketso ea boikokobetso feela, phatlalatso ea tumelo ea motho ho Kreste feela bakeng sa pholoho. Kolobetso ea Mokreste e bohlokoa kaha e le mokhoa oa ho ikokobetsa – ke ho phatlalatsa tumelo ho Kreste le boitlamo ho Eena, le boikamahanyo le lefu la Kreste, ho patoa ha hae, le tsoho ea hae.

[English]



[Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho]

Bohlokoa ba kolobetso ea Mokreste ke bo feng?

Similar Posts

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *